Consulate General Of the Kingdom of Lesotho-Durban

Consulate General Of the Kingdom of Lesotho-Durban Lesotho Consulate is a mission from Lesotho based in Durban.

04/04/2024

Lumelang, ho ba sa tsebeng h**e na ofisi e hokae re 300 Anton Lembede (Smith Street), Delta Towers, floor 17. Linomoro tsa mabitso ke 031 307 2323.

Likopo li ntse li tsoelapele mang kapa mang ea batlang ho tla ho kopa thuso ofisi e buloa Mantaha ho isa Labohlano. Ba nang le phihlello ea inthanete ba ka etsa kopo ba sebelisa sehokelo sena visa.vfsglobal.com/zaf/en/lsp/apply-visa

Haeba u na le potso mabapi le lengolo la tumello ea mosebetsi le likopo, ka kopo botsa basebetsi ba ofisi hobane ha u botsa mang kapa mang u tla fumana lintlha tse fosahetseng.

VFS Global

15/03/2024

Lumelang Basotho ba batle, mmoka ona oa Moqebelo o ilo tsoareloa atereseng ena
The Lounge
Durban Jewish Centre
44 KE Masinga Rd
North Beach
Durban

Re le ofisi re lemohile h**e ofising sebaka se senyane bakeng sa ho tshoarela mmoka, ke kopa re kopaneng sebakeng se boletsoeng kaholimo.

Re tla leboha tshebelisano mmoho.

Khotso P**a Nala

13/03/2024

Moifo o tsoang ntlo kholo ea Econet, Home affairs le Lesotho stdbank, o tla ba ofising ea boemeli ba Lesotho Durban ka moqebelo oa la 16/03/24.

Sepheo sa moifo ke ho tla hlalosetsa Basotho ba phelang KZN ka lihlahisoa tsa licompany tse boletsoeng tseo Basotho ba phelang KZN, ba ka imonang menoana ka tsona.

Le kopuoa ho ba ofising ka 10am, ka letsatsi le boletsoeng ho tla ikutloela ho tsoa molomong oa pere. Batho ba tla atleha ho ba teng ba tsebise ofisi pele ho letsatsi la phutheho ka sepheo sa ho nolofatsa litokiso tse tsoanang le lijo tsa motseare jj.

Rea leboha

KHOTSO P**A NALA

08/03/2024

Ofisi ea 'Muso oa Lesotho e tla koaloa ka Mantaha oa la 11 Hlakubele 2024 Moketeng oa Letsatsi la Moshoeshoe. Ho bohle ba batlang ho etsa kopo ea tumello kapa ho etsa liappointment, ka kopo hlokomela h**e re tla qala mosebetsi hape ka Labobeli. Ke leboha mafelo a beke a monate.

13/02/2024

Lumelang Basotho ba khabane, likopo tsa tumello ea ho sebetsa li ntse li tsoelapele 'me re thusa ba senang marang-rang.

06/02/2024

Joalo ka ha bohle re tseba h**e kopo ea tumello ea ho lokolloa e qalile ho sebetsa, mang kapa mang ea batlang ho etsa kopo a ka sebelisa sehokelo sena visa-vfsglobal.com/zaf/en/lso/apply-visa kea leboha le mahlohonolo ka likopo tsa hau.

06/02/2024

Ke le lumelise Basotho bohle ba lulang profinseng ea KZN le liprofinse tse potileng tlasa Durban Consulate. Lena ke leqephe leo u tla be u fumana lintlha tsohle tsa litaba tse amanang le Sechaba sa Basotho se oelang tlas'a Boemeli bo boletsoeng.

Address

300 Anton Lembede Street, Delta Towers, 17 Floor
Durban
4001

Opening Hours

Monday 09:00 - 16:00
Tuesday 09:00 - 16:00
Wednesday 09:00 - 16:00
Thursday 09:00 - 16:00
Friday 09:00 - 13:00

Telephone

+27313072323

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Consulate General Of the Kingdom of Lesotho-Durban posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share

Category